Author: Lehakoe La Litaba
02/04/2025 at 10:04 am
Latest
Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente le baahloli, ke mokhatlo oa liakhente tse boulelang litokelo tsa mantlha tsa botho le molao
Mokhatlo oa liakhente tse boulelang litokelo tsa mantlha tsa botho le molao, o nts'itse polelo e reng mohlahlami oa molaoli oa sesole sa Lesotho, Maj. Gen. Matela Matobakele, a hule polelo ea hae, e ts'osang babuelli ba molao le baahloli ba makhotla ts'ebetsong ea bona, ka Laboraro la beke ena.
Lengolo le re polelo ea Matobakele e reng liakhente le baahloli ba sebetsang litaba tsa batho ba hlokofalitsoeng ke sesole, ke lihlakana-hlooana tse lokelang ho tokhotsoa, ke tlhohleletso ea tlhaselo ho babuelli le baabi ba toka. Sena se hlalosoa ke lengolo e le tlolo ea molao o laloang sesole sa Lesotho le molao oa lona oa motheo, ka ha boikarabelo ba sesole e le ho hlompha le ho ts'ehetsa makhotla ts'ebetsong ea ona.
Mokhatlo o re ebang Matobakele a sa kope ts'oarelo, nakong ea matsatsi a supileng lengolo le ngotsoe, o tla hloka boikhethelo, o tla mo nka la lechoba ho mo isa makhotleng a boahloli. Sesole sa Lesotho le sona se memiloe ke mokhatlo ho kopa ts'oarelo ponts'eng, ka polelo ea setho sa eona.